Select Sidearea

Populate the sidearea with useful widgets. It’s simple to add images, categories, latest post, social media icon links, tag clouds, and more.

Slide Fumana litlare tsa bophelo bohle mahala ka tsela e bonolo ka E potlakile, e bonolo, ke mahala > BonoloMeds ke tšebeletso ea mahala bakeng sa bakuli ba noang lithlare tsa bophelo bohle,mme ba ngolisitsoeng ke mooki kapa ngaka ea bona. > > BonoloMeds e u thusa ka ho o nolofalletsa ho fumana litlare tsa bophelo bohle ka nako, sebakeng seo u ka li nkang se haufi le uena.. > Ka BonoloMeds u fumana lithlare ea hau kapele, ka hona ha ua tlameha ho ema moleng o molelele tliliniking e phetheselang. > Bakuli ba bangata ba na le maemo a sa foleng a kang lefu la tsoekere, khatello e phahameng ea mali kapa HIV, 'me tsela e molemo ea ho sebetsana le maemo ana a sa foleng ke ka ho tsepahalla lithlare tsa hau. BonoloMeds e ka u thusa ka sena. > BonoloMeds e ka thusa hape ho fokotsa ho ata hoa COVID-19 ,kaha ho bohlokoa ho qoba libaka tseo batho ba bangata ba bokanang hammoho. Ke mang ea ka sebelisang Bonolomeds Botsa setsebi sa hau sa bophelo bo botle haeba u tšoaneleha ho sebelisa BonoloMeds > O na le boemo bo sa foleng mme liphetho tsa hau tsa liteko tsa mali li maemong a nepahetseng. O ka ingolisa bakeng sa BonoloMeds haeba: > Haeba o noa lithlare tsa hau hantle > U na le Tokomane ea Boitsebiso ea Lesotho e nepahetseng (ID), kapa lengolo la tumello ea ho batla setšabelo, kapa phasepoto ea kantle ho naha. > Haeba u le ka tlase ho lilemo tse 18 'me ha u na ID ea Lesotho, setifikeiti sa tlhaho se ka sebelisoa ho ingolisa bakeng sa BonoloMeds, le ho netefatsa ha u nka lithlare ea hau. > Haeba ngoana a le ka tlase ho lilemo tse 12, o tla hloka motsoali, mohlokomeli kapa moemeli ho mo lata lithlare molemong oa hae. > Batho ba baholo, bacha le bana ba ka sebelisa BonoloMeds. Mokhoa oa ho ingolisa Ka letsatsi la hau la ho ea tliliniking , botsa setsebi sa hau sa bophelo bo botle haeba u tšoaneleha bakeng sa BonoloMeds, haeba u etsa joalo ba tla u ngolisa ho BonoloMeds. Joale o tlameha ho khetha sebaka sa ho nka lithlare se haufi le uena. O ka khetha ho nka chemist e haufi le uena ea ho nka BonoloMeds, kapa o ka khetha BonoloMeds Collect & Go( mochini oa tobetsa), Kae kapa kae moo u bonang letšoao la BonoloMeds. Haeba u khetha ho nka lithlare tsa hau ho BonoloMeds Collect & Go smart locker(mochini oa tobetsa), SMS e tla ba le PIN ea lekunutu ea nako e le 'ngoe (OTP). Sebelisa nomoro ena ho Collect & Go smart locker touch screen. Nomoro ena e tla u bulela monyako oo lithlare tsa hau li behuoeng ka teng hore o li fumane Haeba u khetha ho nka lithlare tsa hau chemist e haufinyane ea ho nka BonoloMeds, tsamaea le tokomane ea hau ea boitsebahatso le Karete ea Pokello ea BonoloMeds ha u bokella lithlare tsa hau. Lithlare tsa hau li tla ba ka lebokoseng le tiisitsoeng. Ha e le nako ea hore u hlahlojoe hape u fumane lengolo la ngaka le lecha, u tla fumana SMS e u hopotsang hore u khutlele setsing sa hau sa tlhokomelo ea bophelo. Fumana sebaka se haufi le oena sa ho fumana BonoloMeds Ha sephutheloana sa hau se se se loketse hore u se late, u tla fumana SMS ho ea moo u ka nkang teng ebe u lata lithlare tsa hau.

Tlanya ho limmapa tse ka tlase bakeng sa lintlha tsa aterese